KAROLO YA 3
MEKGATLO YA BASEBEDISI BA METSI (MBM)
Mokgatlo wa basebedisi ba metsi keng?
MBM ke mokgatlo wa semolao o thehuweng ke Letona tlasa Molao wa Naha wa Metsi. MBM ke mokgatlo wa tshebedisano ya basebedisi ka bonngwe ba batlang ho sebetsa la tse tlang ho ba molemong wa bona ka kopanelo. Komiti ya tsamaiso e tsamaisa MBM.
Sepheo sa MBM ke ho etsa hore batho ka hara setjhaba ba kopanye mehlodi ya bona (tjhelete, basebetsi le tsebo) ho sebetsa ka ho phethahala ho kenelletseng mesebetsi e amanang le metsi. Ka MBM ditso di ka una ka ho sebeletsa ditlhoko tsa bona tsa selehae le tse tlang pele.
MBM e sebetsa sebakeng se behetsweng moedi boemong ba lehae. MBM di ka fana ka mokgwa wa tshebetso oo ka ona lewa la tsamaiso ya polokelo le ka kenngwang boemong ba selehae. MBM di boela di na le seabo sa bohlokwa seo di nang le sona ho latela phediso ya bofuma le phano ka tshireletso ya dijo.
Boemo ba semolao ba MBM
MBM ke koporasi ya mokgatlo mme o na le matla a tshwanang le a motho a ho ba le bokgoni, ntle le matla ao, a ka kgonang ho ba a motho ka boyena kapa a ba le ho se tsamaelane le Molao wa Naha wa Metsi. Sena se bolela hore MBM e ka etsa dintho tsohle motho ka mong a ka di etsang, tse kang ho bula akhaonte ya banka, ho kenela dikonteraka ho ka fepelwa le ho adima tjhelete. MBM o ka qosa kapa wa qoswa ke ba bang.
Molao wa Nnaha wa Metsi le molao wa motheo wa MBM e laola tsamaiso ya yona le tshebetso ya yona ya setsha.
Molao o lokisetsa ho thehwa ha MBM bakeng la mofuta le ha e le ofe wa tshebediso ya metsi e hlalositsweng Molaong. Le ha ho le jwalo, ho na le mefuta e mebedi e hlakileng ya MBM e ka thehwang, e leng, MBM tsa karolo le MBM tsa dikarolo tse ngata.
MBM e itshetlehileng ka karolo e sebetsa molemong le boemong ba sehlopha sa basebedisi ba tshwanang. Mohlala sehlopha sa borapolasi ba qalang ba nosetsang ba ka theha MBM e itshetlehileng ka karolo, kapa sehlopha se nang le kgahleho ya ho laola tshebediso ya boikgathollo, jwalo jwalo.
Rapolasi ya qalang, rapolasi ya qalang, rapolasi ya qalang ? MBM
MBM ya dikarolo tse ngata
MBM e itshetlehileng ka dikarolo tse ngata e sebetsa molemong le boemong ba pokeletso ya basebedisi ba metsi, jwalo ka poloko, meru, merafo le ho nosetsa ka kopanelo.
Rapolasi ya nosetsang; Merafo; Meru; Polokelo ya Tlhaho ? MBM
Kgahleho ya ho theha MBM e ka bontshwa haholoholo ka dipheo tse nne tsa sehlooho (le ha e le hore ho ka ba le tse ding):
ho nkguwa le ho sebediswa ha metsi ka sepheo sa ho nosetsa diketso tse fokotsang ho phalla ha molatswana (tse kang temo ya meru)
ho hlwekiswa le ho lahlwa ha metsi a dikgwerekgwere holaola tshebediso ya metsi bakeng la boikgathollo le/kapa sepheo sa tikoloho.
MBM e thehwa ke Letona ho latela mekgwa ya tshebetso e hlahellang Molao wa Naha wa Metsi.
E ka ba Letona kapa ba nang le seabo ba ka qalang mokgwa wa ho thwha MBM.
Letona le ka qala ka ho thehwa neng?
Maemo ao Letona le ka qalang ka ho thehwa ha MBM ha ya hlaloswa Molaong. Le ha ho le jwalo, Letona le ka qala ka ho theha moo MBM e tla bang molemong wa setjhaba. Lebokose le ka tlase le hlalosa mehlala e ka bang molemong wa setjhaba.
Taolo ya selehae ya sekema sa mmuso
Letona le ka lakatsa ho fana ka mosebetsi, poloko le taolo ya sekema sa mmuso ho setjhaba sa mahaeng. Sena se ka nna sa phethahala ha sekema se ne se thehuwe molemong wa setjhaba se amehang le hore se ka tsamaiswa ka ho phethahala ke MBM o loketseng.
Tshehetso ya borapolasi ba qalang
Letona le ka rata ho tshehetsa merero ya mafapha a mmuso ho ya ka peho ya borapolasi ba qalang kapa ntshetsopele ya diprojeke tsa temothuo ya tshehetso.
Ho phahamisa ntshetsopele ya mehlodi e kopantsweng
Moo e leng hore ntshetsopele e sa kopanang ya mohlodi o itseng e a etsahala, Letona le ka etsa qeto ya ho theha MBM e le mokgwa wa ho fana ka taolo e betere le ho thibela kgohlano e ka hlahang.
MBM e thehwa ka mora hore ho be le dipuisano le setjhaba.
Ha Letona le tshwara dipuisano le setjhaba, ditjeho tsa dipuisano tsena di ka fumanwa ho MBM hanghang ha e thehwa.
MBM ya sepheo se itseng e ka thehwa ho ya ka tshisinyo ho Letona ke bao ba nang le kgahleho.
Letona le ka batal hore mothokapa ba amehang ba fanang ka tshisinyo ba lefe ditjeho tsa dipuisano le setjhaba pele.
Tshisinyo ya ho thehwa ha mokgatlo wa basebedisi ba metsi
Karolo kapa sehlopha le ha e le sefe sa basebedisi ba metsi se ka fana ka tshisinyo ho Letona ya ho thehwa ha MBM.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha la Ditabatsa Metsi le Meru a ka thusa basebedisi ba metsi ho rala tshisinyo.
Keng se lokelang ho ba ka hara tshisinyo?
Tshisinyo e lokela ho shebana le dintlha tsohle tse lokodisitsweng Molaong:
mabaka a ho etsa tshisinyo lebitso le sisintsweng la mokgatlo sebaka se sisintsweng sa tshebetso ya mokgatlo mesebetsi e sisintsweng ya mokgatlo moo ho loketseng, tlhaloso ya dibaka tsa metsi tse teng kapa tse sisintsweng sebakeng se sisinyeditsweng tshebetso tlholoso ya laesense ya tshebediso ya metsi kapa tumello eo ditho tse sisintsweng di na le yona kapa di rerileng ho etsa kopo ya yona molao wa motheo wa mokgatlo o sisintsweng tlhaloso ya ka moo molao wa motheo o sisintsweng o tlang ho fapana le mohlala (setshwantsho sa molao wa motheo) se hlahellang Molaong lenane la ditho tse sisintsweng kapa mefuta ya ditho tsa mokgatlo tlhaloso ya puisano e seng e tshwerwe ho rala tshisinyo le sephetho sa puisano eo.
Ho ile ha tshwarwa Sebaka sa tshebetso puisano jwang? Sephetho Mesebetsi ka metsi ebile sefe?
Tshisinyo ya ho
Mesebetsi e sisintsweng Theha Tshebeidso ya metsi?
Ditho
Letona le tla ananela ho thehwa ha
Letona le tla ananela ho thehwa ha MBM ha MBM e phahamisa tse rerilweng jwalo ka ha di hlahella ho Sepheo sa Molao wa Naha wa Metsi. Merero ena e kenyelletsa dintlha tse kang:
tshireletso, tshebediso, ntshetsopele, poloko, tsamaiso le taolo ya mehlodi ya metsi ya naha kgotsofatsa ditlhoko tsa botho tsa meloko ya jwale le ya nako e tlang phahamiso ya tekano, bokgoni, boteng ka nako tsohle le tshebediso ya metsi molemong ntshetsopele ya setjhaba le moruo, le tshireletso ya dibaka tsa Diphedi tsa metsing
Tshisinyo ya ho theha MBM e lokela ho tsamaelana le Lewa la Tsamaiso ya Polokelo la ATP.
E nngwe ya dintlha tse lokelang ho kenyelletswa tshisinyong ke molao theo o sisintsweng wa MBM.
Molao wa motheo wa MBM
Molao wa Naha wa Metsi o hlakisa dintlha tse lokelang ho lokiswa molaong wa motheo wa MBM. Mola (Shejule ya 5) o bole o kenyelletsa moralo wa molao wa motheo o ka sebediswang e le motheo wa ho rala molao wa motheo. Ka tlatse ho na le tlhaloso ya dintlha tseo molao wa motheo wa MBM o lokelang ho di lokisa:
MOLAO WA MOTHEO WA MOKGATLO WA BASEBEDISI BA METSI
Lebitso la Mokgatlo
Merero ya Mokgatlo
Mesebetsi ya sehlooho ya Mokgatlo
Mesebetsi ya tlatsetso ya Mekgatlo
Ditho tse o thehileng
Botho ba Mokgatlo mekgwa le ditlhoko tsa ho amohela ditho tse ntjha mokgatlong matla a ditho a ho vouta mekgwa ya ho fedisa botho
Ho kgethwa le ho vouta ha ditho tsa Komiti ya Tsamaiso
Mekgwa ya ho thonngwa ha basebetsi ba mokgatlo
Ho fumanwa ha dikadimo tsa ditjhelete mekgwa ya ho fumana kadimo ya ditjhelete
Ditefiso le pokelletso ya ditefiso tlameho ya ditjhelete ya ditho mokgatlong
Pehelo ya Selemo ka seng
Phethelo
Dihlomathiso
LENANE LA DITHO TSA MOTHEO
LENANE LA DITHO
TLHALOSO YA DIBAKA TSA TLATSETSO LE BOEMEDI TSAMAISONG
KOMITI
Kopo ya mesebetsi ya MBM
Ha molao moralo wa motheo wa MbM o ka nna wa kenyelletsa mesebetsi ya MBM, sena ha se bolele hore ha ho potang MBM e tla ba le mosebetsi ena ha e thehwa.
Ba etsang kopo ya ho theha MBM ba lokela, e le karolo ya mosebetsi wa ho theha, ho etsa kopo ya mesebetsi hore e fuwe MbM. Sena se ka etswa ka lengolo ha ho kenngwa tshisinyo bakeng la tekolo.
Lengolo
Kopo ya hore mesebetsi e fuwe MBM
Tshisinyo
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru ho theha MBM
Molao wa motheo wa MBM
Molao wa motheo o ananetsweng ke MBM o a tlama ho ditho kaofela
Letona le ka batla hore ho be le dipehelo tsa tlatsetso tse kenngwang molaong wa motheo wa MBM. Dipehelo tsena dilokela ho ananelwa ke ditho tsa mokgatlo le ho dumellwa ke Letona pele MBM e ka sebedisa matla a yona kapa ya phetha mesebetsi le ha e le efe.
Tshehetso ke efe eo Letona le ka fanang ka yona ho thehweng ha MBM?
Molaodi Kakaretso wa Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru o tla fana ka tshehetso ho:
batho ba batlang tataiso ka ntshetsopele ya tshisinyo ka ho thehwa ha MBM ho latela:
tlhaloso ya sebaka sa tshebetso kgetho ya mofuta le bokae ba mehlodi ya metsi e ka laolwang, le matla le mesebetsi e tlang ho hloka ho fuwa MBM.
setjhaba se hlokang bokgoni ba ho hlophisa le ho ntshetsapele ditlhophiso tse hlokehang tsa setsha. Ka ho qolleha, thuso e ka fanwa moo ntshetsopele (jwalo ka ho thuswa ka ntshetsopele ya borapolasi ba batjha) e hloka h phahamiswa ka ho thehwa ha MBM.
Phetolo ya diboto tsa ho nosetsa
Diboto toshle tsa ho nosetsa le diboto tsa taolo ya metsi a katlasa mobu tse neng di le teng pele ho tshebetso ya Molao di lokela ho fetolelwa ho MBM. Diboto tse itseng tsa metsitse thehuweng ho latela Molao wa Metsi wa mehlengwa ka seipheo sa ho nosetsa thepa di lokela ho fetolelwa ho MBM.
Hantlentle phetolo ya diboto tsa ho nosetsa e bolela hore di lokela ho fetola dibaka tsa tsona tsa tshebetso le boemo ba tsona ba tsamaiso ho ba le kemedi e kenelletseng ho latela popeho ya sebaka, ho latela borabe le bong.
Hobaneng ho lokela ho fetoha?
Afrika Borwa e na le nalane ya phihlello e sa lekaneng ya mehlodi. Phetoho ke enngwe ya mekgwa ya ho fihlella tekano. Letona le ntshitse ditataiso mabapi le ho thehwa ha komiti ya tsamaiso ya boto ya ho nosetsa e fetohileng.
Bokgoni ba MBM ho itshehetsa ka tjhelete ke ba bohlokwa hore e dule e sebetsa. Ho thw ha MBM ho a kgoneha feela ha ditho di kgona ho lefella ditjeho tsa tsamaiso ya MBM ha mmoho le tshebetso le poloko ya mesebetsi le ha e le efe ya bohlokwa e amahanngwang le MBM. MBM ha nagata e tshehetswa ka ditefiso tsa ditho tsa yona tse bitswang ?ditefiso tsa tshebediso ya metsi?. Mehlodi e meng ya tshehetso ka ditjhelete e kenyelletsa:
tjhelete e fumanweng ka ho sebetsa dibakeng tsa metsi, tshehetso ka ditjhelete ka kotloloho ho tswa Lefapheng la Ditaba tsa Metsi le Meru kapa ATP
mehlodi e meng e ikamahanyang le ditlhoko tsa Molao jwalo ka mananeo a thuso kapa phano ka tjhelete.
MBM e ka hlahloba ditefiso selemo ka seng dithong tsa ona ha molao wa ona wa motheo o lokiseditswe ho tobana le sena. Ditefiso tsena di lokela ho amana le lewa la tefiso la tshebediso ya metsi le behuweng ke Letona.
Letona le ka boela la fana ka thuso ya ditjhelete ho MBM bakeng la ho fihlella dipheo tsa Molao wa Naha wa Metsi (ho ikamahantse le melawana e entsweng tlasa Molao).
Lefapha le hlahisitse leano la ho fana ka thuso ya ditjhelete ho banosetsi ba ntse ba le teng le ba batjha ba dihlopha tseo ho latela nalane di neng di tinngwe menyetla tseo e leng ditho tsa MBM.
Pele le ka fana ka thuso ya ditjhelete, Letona le lokela ho hlokomela tse latelang:
tlhoko ya tekano;
tlhoko ya ponaletso;
tlhoko ya tokiso ya diphetho tsa kgethollo ho ya ka borabe le bong ya mehleng;
sepheo sa thuso ka ditjhelete;
boemo ba ditjhelete ba moamohedi; le tlhokeho ya tshireletso ya mehlodi ya metsi.
Molao wa motheo wa MBM o lokela ho lokisetsa ho thonngwa ha Komiti ya Tsamaiso ha mmoho le Modulasetulo le Motlatsi wa Modulasetulo.
Komiti ya Tsamaiso e ikarabella ka ho otloloha dithong tsa MBM. MBM e ikarabella ka ho phatlalletseng ho Letona. Ha Letona le fana ka mosebetsi wa ho hlokomela tshebetso ya MBM ho ATP, MBM e ikarabella ho ATP.
Keng mesebetsi le boikarabelo ba MBM?
Mesebetsi ya MBM e itshetlehile ka molao wa motheo wa ona o ananetsweng.
Molao wa motheo wa MBM o ka lokisetsa mesebetsi e latelang hore e etswe ke MBM:
Ho thibela tshenyo ya metsi ho tswa mohloding le ha e le ofe wa metsi.
Ho sireletsa mehlodi ya metsi.
Ho thibela tshebediso le ha e le efe ya metsi e seng molaong.
Ho tlosa kapa ho hlophisetsa ho tloswa ha tshitiso e behuweng ka ho seng molaong moo ho phallang metsi.
Ho thibela ketso le ha e le efe e seng molaong e ka fokotsng boleng ba metsi mohloding le ha e le ofe wa metsi.
Ho laola phallo efe kapa efe ya metsi.
ho fokotswa ha kotsi ya tshenyo ya mobu moo ho nang le dikgohola; le ho fetolwa ha sebaka sa phallo ya metsi ho ba ka mokgwa oo se neng se le ka ona pele moo e leng hore se ile sa fetolwa ke tlhaho teng.
Ho batlisisa le ho rekota:\
Bongata ba metsi maemong a fapaneng a phallo sebakeng seo a phallang ho sona;
Dinako tseo ka tsona; le
Dibaka tseo metsi a ka sebediswang ke motho le ha e le ofe ya nang le tokelo ya ho sebedisa metsi ho tswa mehloding ya metsi.
Ho aha, reka kapa ho iphumanela, laola, tsamaisa le ho boloka dibaka tsa metsi tse nkuwang di le bohlokwa ho ka:
monya mobu; le fepela ka metsi mobung bakeng la ho nosetsa kapa dipheo tse ding.
Ho tsamaisa le ho laola phano le tshebediso ya metsi ho tswa mehloding ya metsi ho latela dipehelo tse loketseng tsa tshebediso ya metsi, ka ho theha le ho boloka disebediso tsa:
ho lekanya le ho arola; kapa laola ho fetoha ha moo metsi a phallelang teng.
Matla le mesebetsi ya tlatsetso
MbM di ka fana ka matla a tlatsetso, le mesebetsi ho ATP kapa Letona.
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meruo
Matla kapa mosebetsi
Matla kapa mosebetsi
Keng melemo ya basebedisi ya ho theha MBM?
Molemo wa basebedisi ba MBM o tla ikamahanya ka sepheo seo MBM e thehetsweng sona.
Moo e leng hore ho na le dikema tsa ho nosetsa bakeng la borapoolasi ba hebang kapa ba qalang, ho theha mebaraka ya MBM ho etsa ho be le kgonahalo ya tshebedisano boemong ba moruo boo tlang ho arolelanwa ke ditho. Ntshetsopele ya dibaka tse nang le tlahiso e nyane hangata tse se nang maemo a tsitsitseng a ditjhelete.
Moo e leng hore MBM e thehuwe ho laola tshebediso ya boikgathollo, kuno ya molemo ke hore mokgatlo o le mong o ba le boikarabelo ba tshebediso ya mohlodi o qollehang wa metsi ka sepheo sa boikgathollo. Sena se dumella MBM ho nka tsamaiso e loketseng le ho lekanya dikgahleho tsa basebedisi ba fapaneng ho phema kgohlano. Ha sehlopha se batla ho thea WSA ya metsi a itseng ka ho qolleha, ba tla lokela ho tsebahore na MBM o tla tse lekaneng molemong wa ditho. Botho ba MBM bo ka boikgethelo, ha MBM e sa fane ka melemo e lekaneng, ha o na kgona ho boloka ditho (ho ntse ho hlokometswe hore dipehelo di a sebetsa).
Tsamaiso le tshebetso ya MBM
Shejule ya 5 ya Molao wa Naha wa Metsi e laola tshebetso ya MBM, ho fihla moo Letona le hlalositseng teng. Shejule 5 SETSHWANTSHO SA MOLAO WA MOTHEO WA MOKGATLO WA BASEBEDISI BA METSI
Shejule 4 ya Molao wa Naha wa Metsi e etsa dipehelo tse kenelletseng tsa tsamaiso le tshebetso ya MBM. Shejule 4 TSAMAISO LE MORALO WA DITSHA TSA TSAMAISO YA METSI
MOLAO WA NAHA WA METSI (No. 36 wa 1998)
Matla a Letona ho latela MBM
Letona, ka mora ho ikopanya le mokgatlo wa basebedisi ba metsi, le ka laela hore motho ya amohetsweng e le setho sa mokgatlo ka dipehelo tse hlokang leeme le tse lekanang.
Ka nako tse ding Letona le ka kena dipakeng tshebetsong ya MbM. Letona le etsa sena ka ho laela MBM ho etsa t/se itseng. Ha e ba MBM ha e tsamaelane le taelo, tshehetso ka tjhelete eo MBM o ka be o na le yona e ka hulwa ho fihlela o phetha ho ya ka taelo.
Letona le ka fedisa ho tshwara kantoro ha setho ka ho fa MBM tsebiso le setho se amehang. Maemong a jwalo, Letona le ka hlophisa hore sekgeo se komiting ya tsamaiso se tlatswe.
Ha MBM e hloleha ho ikobela taelo, Letona le ka nka mesebetsi eo ho fihlela MBM e ikamahanya le taelo. Letona le ka boela la kgutlisa ditjeho tse fumanweng ha le ne le nka mosebetsi kapa mesebetsi nakong eo ho MBM.
Molao wa Naha wa Metsi o bolela hore Letona le ka theha MBM tlasa maemo a itseng ka ho qolleha:
maemong a lokiselleditsweng molaong wa motheo wa mokgatlo;
ha mesebetsi ya mokgatlo e, ka tumellano le botsamaisi ba setsha se seng, e tlang ho kopanngwa, kapa ho nkuwa ke setsha sa tsamaiso ya metsi;
ha e le molemong wa mokgatlo kapa ditho tsa ona;
ha ho fuputswa ha ditaba tsa ona kapa maemo a ona a ditjhelete a hlahisa hore ho o qhala ke hona ho lokileng;
ha Letona le se le nkile matla kapa mosebetsi wa mokgatlo ka lebaka la ho se utlwane ka hara komiti ya tsamaiso kapa ditho tsa yona; kapa ha e le hore mokgatlo ha o sa sebetsa kapa ha o na molemo.
Letona le ka theha MBM feela ka mora:
ho phatlalatsa tsebiso ka motheo o sisintsweng mema maikutlo ka motheo osisintsweng, le ka mora ho lekola maikutlo ohle a fumanweng.
ATP di na le boikarabelo ba ho tsamaisa mehlodi ya metsi bakeng satsamaiso ya metsi sohle.
MBM ka tlwaelo di na le kgahleho ya selehae.
ATP e na le Boto ya Bolaodi e emetseng ba nang le seabo ho tswa sebakeng sa tsamaiso ya metsi.
ATP e tla hlophisa Lewa la Tsamaiso ya Polokelo ho shebana le dintlha tse mabapi le mehlodi ya metsi sebakeng sohle sa tsamaiso ya metsi.
Lewa la Tsamaiso ya Polokelo la ATP le tla fana ka tataiso ho Letona hore MBM o qollehang o ka thehwa le hore mesebetsi eo o tlang ho e phetha e lokelang ho ananelwa ke efe hore o e phethe sebakeng sa tsamaiso ya metsi.
MBM e emetse karolo e nyane ya kgahleho, hangata ke karolo ya basebedisi ba metsi ba leng sebakeng se itseng.
MBM e fana ka moralo wa setsha wa selehae oo ka ona Lewa la Tsamaiso ya Polokelo le ka kenngwang tshebetsong boemong ba selehae.
